HO THAKGOLWA HA MOKGATLO WA TSHOSELETSO YA BOITSHWARO BO BOTLE.
HO TLOHA TOKOLOHONG
HO LEBA PHETOHONG
HO LESA MAKGABANE MOLAONG WA MOTHEO
Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro
Histori
Seboka se fana ka monyetla o ikgethang ho rona hore re hlalose botjha le ho itiisa jwaloka batho ba nang le boitshwaro, mme ha mmoho re bope mawa a tshwarehang, a kgonehang le a sebetsang ekasitana le mananeo a tla re etsa hore re tjhaele monwana makgabane a nyalanang le Afrika Borwa e ntjha ya demokrasi.
Kopano e etsang histori ya ho thakgola Mokgatlo wa naha wa Tsoseletso ya Boitshwaro e neng e tshwaretswe Diahelong tsa Sesole sa Moyeng tsa Waterkloof ka la 18 Mmesa 2002 e ne ha ho fihlelwa sehlohlolo sa mosebetsi oo esale o simolla ka 1998 ha Presidente wa mehleng Nelson Mandela a ne a memme baetapele ba mekga ya dipolotiki le baetapele ba ditumelo Sebokeng sa Boitshwaro Johannesburg ho theha maikutlo tabeng e hlokang dipatlisiso tse tebileng ya tsoseletso ya boitshwaro ho la Afrika Borwa. Ka morao ho moo, ho ile ha tshwarwa diwekshopo tse pedi hodima taba ena ya Tsoseletso ya Boitshwaro tlasa boetapele ba Motlatsi wa Presidente Jacob Zuma, tse ileng tsa hlahisa bukana e bitswang Freedom and Obligation, ha Ditherisano tsa setjhaba ka Pudungwane selemong sa 2001 di ile tsa etsa tlhahiso ya hore ho thehwe Mokgatlo wa naha wa Tsoseletso ya Boitshwaro.
Sepheo
Seopheo ka Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro (MRM) e ne e le ho ?etsa monyetla, wa ho kgothaletsa le ho hokanya mananeo a setjhaba se seng le se seng ho sebeletsa ho tsosolosa boitshwaro ba setjhaba sa rona?.
Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro o kgannwa ke mokgatlo wa setjhaba mme morero ha se hore o laolwe ke ba kahodimo. Sepheo sa teng ke ho hokanya ditabatabelo tse ngata tse seng di ntse di le teng bathong ba habo rona. Makgabane a boitshwaro ba rona a hodimo a hlahela hohle bothong ba rona kaofela mme batho ba labalabela ho fetola diketso tse sa nyalaneng le kahisano kapa phedisano tse ikentseng tshoso naheng ya rona.
Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro o tla tsepamisa maikutlo ? tabeng ya boikarabelo boo rona kaofela re lokelang ho bo nka bakeng sa bophelo ba rona, re tloha kutlwisisong ya hore, jwalo ka ha re ile ra ba baitokolli ka borona twantshong ya kgethollo, ka tsela yona eo hape kajeno re lokela ho sebetsa jwalo ka baitopolli ba rona ka borona ha re lwantsha masalla a kgethollo? ? Presidente
Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro ke lepatlelo leo ho lona ho kgothaletswang, ho etswang monyetla, ho tsosoloswang le ho sebetsa mmoho maikutlo a tla hlaha karolong e nngwe le e nngwe ya setjhaba sa rona. Mokgatlo o rerile ho bona setjhaba se tletseng boitshepo ebile se na le boitshwaro bo matla. Maikemisetso ke ho tsosolosa moya wa Ubuntu/Botho, ka ho sebedisa mehlodi kaofela e teng mmusong le setjhabeng. Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitswaro o tsitlaletse motheong wa ditabatabelo tse hlahisitsweng ke Molao wa rona wa Motheo, ?motheo o totobatsang mefuta ya ditabatabelo tseo re di nketseng hodimo tseo ka tsona re batlang hore ditjhaba kaofela lefatsheng di re tsebe ka tsona?.
Boikemisetso le Sephetho se Rerilweng ka ho thakgola kopano
Boikemisetso ba Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro ka ho thakgola kopano e ne e le:
Ho fana ka monyetla wa ho hlahloba boemo bo fetileng le boemo ba hona jwale ba koduwa e teng ya boitshwaro Afrika Borwa.
Ho hlahisa maikutlo ka mawa le mehato ho tsosolosa ditabatabelo tsa setjhaba tsa Afrika Borwa e ntjha ya demokrasi.
Ho etsa monyetla wa ho fetoha ha mokgatlo o tenyetsehang wa setjhaba ho thusa le ho tshehetsa boithaopo ba baahi ba setjhaba le mmuso ho rala lenaneo le sebetsang la mohato wa ho ntjhafatsa setjhaba sa rona.
Ho rala lenaneo le tsitsitseng hantle la tshebetso bakeng sa letsholo la motjha o tjhele la tsoseletso ya Boitshwaro.
Ho kgothaletsa naha hore e tswe letsholo la ho theha setjhaba se nang le boitshwaro, se natsang le se hlokang bobodu
Ho matlafatsa metheo ya tokoloho le demokrasi ya rona e hapilweng ka thata ka ho theha setjhaba se nang le boitshwaro bo matla, bo thehilweng hodima mokgwa o akaretsang wa boitshwaro.
Sephetho se Hopotsweng
Ho hlahisa lenaneo la naha la tshebetso le tla behellwa ka pele dinthong tsohle lenaneong la ditaba tsa naha ena le tsa provense nakong e boemong bo mahareng;
Ho amohala lewa le tla ba le tshusumetso ho boraditaba hore ba be le nyehelo ya bohlokwa karolelanong ya molaetsa ona wa Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro le setjhaba ka kakaretso;
Ho theha lenaneo le sekametseng tshebedisanong e kenyeletsang seabo se hokantsweng le se batsi sa setjhaba, le mekgatlo ya poraefete le ya setjhaba;
Ho rala mawa a akaretsang tsohle a thehilweng sebopehong se makalakala sa ditaba tseo eleng tsa mantlha tharolong e tla ba ya motjha o tjhele ya phediso ya mathata a phedisano le ekhonomi setjhabeng sa rona.
KA MOO KOPANO YA HO THAKGOLA E TSAMAILENG KA TENG
Seboka sa bohle ba tlileng kopanong
Ho thakgolwa ha Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitswaro e ne e le kopano e ikgethang ya baemedi ba 1 300 ba tswang dikarolong tse ngata tsa naha ba neng ba tlile ka difofane, dibese kapa dikoloi ba neng ba tswa naheng ka bophara, ba neng ba batla ho fumana ditsela tsa ho theha setjhaba se nang le boitshwaro ba sebele. Ba ne ba kenyeleditse Matona a Kabinete, ditonakgolo tsa diprovense, ditho tsa Palamente, baetapele ba mekga ya dipolotiki, batjha, baetapele ba ditumelo, mekgatlo eo eseng ya mmuso, baemedi ba kgwebo le basebetsi. Ba ile ba bontsha boikitlahetso ba batho ba Afrika Borwa ?hore ba kenye letsoho nthong ena eo eleng e ka pele-pele dinthong tsa bohlokwa tsa setjhaba tsa ho etsa motheo wa ho haha Tsoseletso ya Boitshwaro ba naha ya rona ba motjha o tjhele bo kopaneng ebile bo tshwana naheng ya rona. Ho thakgolwa hona ho ile ha fana ka monyetla baahing bao eleng batho ba tlwaelehileng hore ba eme mmoho le ba ditulong tsa boetapele mme ba hlahise maikutlo mmoho ka boikemisetso ditabeng tsa boitshwaro.
Modulasetulo wa Komiti ya Tshebetso ya Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro, Father Smangaliso Mkatshwa, o ile a amohela baromuwa, mme ka morao ho moo ho ile ha latela puo ya sehlooho e entsweng ke Motlatsi wa Presidente ya ileng a bula kopano ena ya ho thakgola Mokgatlo, a ba a hlahisa molaetsa wa tshwarelo e kopilweng ke Presidente Thabo Mbeki, ya neng a tswile ka mosebetsi. Cedric Mayson o ile a hlahisa kakaretso ya a mang a mathata ao naha e shebaneng le ona tlasa sehlooho sena: ?Bothata ke bofe??
Bothata ke bofe?
Dipolao! Ditlatlapo! Peto! Diketso tsa Dikgoka! Bomenemene! Kgethollo ya
Morabe! Ho tlatlatjwa! Ho amohuwa tseo eleng tsa hao ka dikgoka! Tlhekefetso ya basadi le bana! Sekgeo dipakeng tsa ba nang le hona le ba hlokang! Tumelo tse sothwang! Bo-ntlhapedi! Meharo! Bobodu mmusong le setjhabeng! Ho etsahalang ka rona?
Re tlameha ho qala ka ho hlopholla disosa tsa bothata ba rona. Re tla re pepile mathata nakong e fetileng, masalla a bokolone le kgethollo, tse sokolotseng menahano ya rona le ka moo re shebang dintho ka teng, ke ntho tse re rutileng hampe, mme tsa re siya le mathata a maholo.
Ho boetse ho na le mathata a mang hape nakong ya hona jwale. Tokoloho ya dipolotiki e entse monyetla wa hore re tshwarane le diphephetso tse kgolo tsa ho fetola naha ho tloha tlwaelong ya bokolone ya ho ikobela molao ho leba ho tlwaelo ya demokrasi ya boikarabelo. Sena se hlalosa mokgwa wa katamelo e ntjha ya bophelo ba motho e mong le e mong - eleng ntho eo boholo ba rona re neng re sa e tsebe pele ho 1994.
Batho ba bangata ba hlwaya diphoso ho boraditaba, bao ka nako e nngwe ba hlahisang tseo re sa batleng ho di kgothaletsa: taba ya hore Mapolesa a hlolehe ho qobella toka, Makgotla a dinyewe le Ditshebeletso tsa Tshokollo ya batshwaruwa, kapa mmuso o tshwauwe phoso.
Empa re lokela ho ipotsa dipotso le rona. Naa matlotlo le ho ba ditulong tse nang le tshusumetso ya matla a itseng ke ntho tse ka tlosang maikutlo setshwantshong seo re nang le sona sa lefatshe le letjha ka lebaka la ho tsitlallela tshusumetso ya matla a botho le meharo lefatsheng leo?
Re ka boela sehlohlolong sa boitshwaro jwang ? ha tjhelete e fetoha modimo o rapelwang ke batho ba bangata, ha mekgwa ya rona ya ekhonomi e etsa hore batho ba futsanehe, ha makgabane a moya a dula a beheletswe ka thoko?
Tshepo ya rona ya ho araba dipotso tsena e na le motheo o matla. Ditjhaba tse ding le tsona di na le mathata a tshwanang le ana, empa boikitlahetso ba rona ha mmoho ba ho araba dipotso tsena ke bo ikgethang.
Matla a rona ke hore botjhaba ba rona kaofela bo ikitlaheleditse kgotso ya bohle e tshwanang.
Metso ya rona e kahisanong ya rona moo batho ba dulang teng le ho sebetsa ekasitana le ho bapala teng. Re ka theha setjhaba se setjha ka borona ka kgothaletso ya boikitlahetso ba selehae ba ho sebetsa mmoho.
Sepheo sa rona ke ho ntjhafatsa mekgatlo ya rona e teng ha jwale le metheo, eseng ho qala e metjha. Tsosoloso ya Boitshwaro ke moo re leng teng.
Dikgwebong tsa rona le mekgatlo, le ka boikitlahetso ba rona ba botho, re ka araba dipotso tsena ka ho phahamela ho hlwibila phephetso ya tsoseletso ya Boitshwaro.
Ho etswa eng?
Seboka sa hoseng tjena sa ditho kaofela, se ileng sa tsebiswa ke Tim Modise, se ile sa fihlela maikutlo a nepahetseng ? a ileng a hlahiswa ka pina, motjeko le mantswe a neng a thehilwe hodima boiphihlelo le bokgoni. Sena se ile sa tiisa ditabatabelo tsa boitshwaro bo tswang kahare, seriti le toka ya mantla ya moya wa botho. Lekgoba la mehleng la dithethefatsi, motho wa HIV/AIDS, sehlopha sa dibini tsa tjhankaneng, sehlopha sa motjeko sa batjha ? tsohle di hlahiswa ka puo ya sebopeho sa bonono le moya wa tshepo kahare ho mofidibithi wa ho hloka tshepo, moya wa kgothalo nakong ya phephetso, le boikitlahetso nakong eo boitshwaro bo nyehlileng ka yona.
Ditshwantsho tsa batho ba neng ba le sebokeng le mabitso
Molaetsa ona o tshwanang le ona o ile wa hlahela hape dipuong tse ileng tsa etswa, ha baromuwa ba ne ba utlwa ka menahano le mehato e nkuwang Kgwebong ya Twantsho ya Ditlolo tsa molao, Foramong ya Naha ya Twantsho ya Bobodu, Moifong wa Katolike, ke Baetapele ba MaHindu le ba Ma-Komonisi le ho ntshetsa pele makgabane a boitshwaro bo botle, borathuto, ba Tsosoloso ya Afrika le ba bang.
Motsheare wa mantsiboya, baromuwa ba ile ba ikarola dihlopha tse 10 tsa dipuisano (sehlopha se le seng sa puso ya naha le dihlopha tse robong tsa diprovense) ho tshohla meralo e sebetsang hore Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro o tle o ntshetswe pele. Sehlopha ka seng se ne se kenyeleditse baemedi ba tswang dikarolong tsohle tsa setjhaba, le moifo wa ho kgothaletsa dipuisano wa batho ba bararo ? eleng motsamaisi wa dipuisano wa profeshenale, motsamaisi wa dipuisano ya emetseng diprovense, le motsamaisi ya neng a sebetsa jwalo ka mongodi ho hlophisa tlalaleho e ngotsweng.
Motho e mong le e mong o ile a fuwa karete mme a kopuwa hore a ngole fatshe mohato o hlokehang bakeng sa tsoseletso ya boitshwaro Afrika Borwa. Ba ile ba tshohla tsohle tse hlokehang ho kgothaletsa phetoho, se ntseng se etsahala se hlokang ho hokahanywa, sephetho se ikgethang se labalabelwang karolong e nngwe le e nngwe le hore naa sena se ka fihlelwa jwang.
Sebopeho sa dipuisano se ne se laolwa ke ditlhoko tsa sehlopha. Ba bang ba ne ba arotswe dihlotshwana tse neng di fana ka tlaleho hodima dipuisano. Ba bang ba ne ba hlohlomisa ditaba hantle ho latela bohlokwa ba tsona kaofela. Mehato le dipuisano e ne e ngolwa ebile e kgutsufatswa.
Qetellong ya seboka, moromuwa e mong le e mong o ile a kopuwa hore a itlame mme a fuwa karete eo ho yona a neng a ngola mehato eo yena ka sebele sa hae a tla e nka ho tshehetsa tsoseletso ya boitshwaro Afrika Borwa. Moromuwa o ile a nehelana ka karete ho moromuwa e mong ya tswang provenseng, ya neng a sa mo tsebe ho hang pele ho wekshopo ena, mme a kopa hore moromuwa eo a mo tshehetse ka ho mo founela nakong ya ntho e etsang kgwedi.
Sa bohlokwa mona ke hore dikarolo tse fapaneng tsa setjhaba, tse sebetsang mmoho provenseng e nngwe le e nngwe, metseng e meholo ya diteropong kapa metseng ya mmasepala, ba tla isa tse fihleletsweng dibakeng tsa habo bona tse seng di ntse di le teng.
Tse fihletsweng di kgutsufaditswe ka mokgwa o latelang:
Lentswe la Setjhaba hodima Koduwa ya Boitshwaro
Batho ba fetang sekete ba ile ba buwa jwang nakong ya dipuisano tsa dihora tse pedi ka koduwa ya boitshwaro e tjametseng naha ya rona? Ka thuso ya moifo wa batsamaisi ba dipuisano le bangodi sehlopheng se seng le se seng, ho ile ha ngolwa fatshe tse ngata, mme ho latelang ke mehopolo ya sehlooho mathateng a fumanehileng, le ditlhahiso bakeng sa mohato le phetoho.
Lelapa
Diprovense kaofela di ile tsa ngola fatshe dingongoreho ka ho senyeha ha bophelo ba lelapa le ho fokola ha maemo a malapa. Lelapa jwalo ka ha e le sebaka sa mantlha sa moo phedisano e simollang teng, le ile la bonwa ke baromuwa ba bang ba kenetseng dipuisano e le sesebediswa sa bohlokwa sa ho hlokomela boitshwaro bo botle, le moo makgabane a phedisano le a boitshwaro a lokelang ho tiiswa teng hore a kgone ho ba le seabo se sebetsang hantle.
Bosiyo ba bo-Ntate, kapa tahlehelo ya seriti sa bo-Ntate ka lebaka la ho sebedisa dintho tse itseng hampe, ke bona bothata bo boholo. Bana ba bang ha ba tsebe bo-Mme le letho feela. Ba bangata ba bona ha ba kgone ho bona batswadi ba bona ba ileng mosebetsing. Tlhokeho ya tataiso ya batswadi, ho hlokeha ha batho bao bana ba labalabelang ho tshwana le bona kgolong ya bona le taolo, ke dintho tse siyang bana ba bangata ba hloka tshireletso. Ka lebaka leo, ba bangata ba thatafallwa ke ho iphumana jwalo ka batho le ho fumana moelelo wa bophelo ba bona.
Bana ba bangata ba bothateng ba ho hlekefetswa ke batswadi le ba habo bona dikelellong, mmeleng ya bona kapa ba hlekefetswa ka mokgwa wa thobalano, eo ka dinako tse ding e ba siyang ba holofetse bophelo ba bona bohle, ba hloleha ho bona lehlakore le kganyang le bokgabane ba lelapa le fanang ka bophelo.
Maqheku a ya a sa tsotellwe haholo setjhabeng sa rona. Tsebo ya bona le boitsebelo ba bona ha di sa hlokahala mme ba se ba bonwa e le bothata bo belesitseng moruo ho feta hore ba bonwe jwalo ka mohlodi wa tataiso ya boitshwaro le kgothatso.
Balekane manyalong ba hloleha ho tiisa kapa ho tshwarellwa dikamanong tsa bona, ka dinako tse ding sena se kgannela karohanong le mathateng a phedisano le a moruo.
Dihlopha tse ding di ile tsa hlahisa tumelo ya hore mohlodi wa sesosa sa tahlehelo ya makgabane a malapa ke mohopolo ona o seng o kganathelletse wa bo-Ntata o etsang hore basadi ba hlekefetswe mmeleng ya bona, dikelellong le maikutlong. Ha ho bophelo ba lelapa bo ka tsosoloswang ntle le hore ho hlakiswe seriti le tekano ya basadi le banna.
Ho ile ha hlaha ditlhahiso tse ngata. Baetapele ba mmuso le baetapele ba ditumelo ba ile ba bitswa ho kgokgothela tlwaelo ya bophelo ba ho sebetsa mmoho ka moya wa ?letsema?. Ho hlokeha kgolo ho ya ho ile bophelong ba lenyalo, le tlhokomelo ya malapa a nang le batswadi ba le bang eseng ba babedi. Merero e sebetsang hantle ya ho nka bana bao eseng ba hao hore o ba etse bana ba hao, ke ntho e ka thusang bana ba hlokang batswadi kapa bao batswadi ba bona ba iphileng dimenyane ka monyetla wa hore ba fumane bophelo ba lelapa.
Dipuisano di boetse tsa tsepamisa maikutlo ho se etswang ka mokgwa o ahang ho tiisa le ho tshehetsa bophelo ba lelapa. Dihlopha tse ding di ile tsa thoholetsa mmuso ka molao o motjha o matlafatsang ditokelo tsa bana le tsa basadi, le ho tswela banna molemo. Mekgatlo ya selehae le Mekgatlo eo eseng ya Mmuso esale e tsamaisa diwekshopo ka molao ona, mme ntlheng tse itseng diforamo tsa setjhaba di ile tsa thehwa ho kgothaletsa makgabane a lelapa le a setjhaba.
Ho hlokeha hore ho etswe mosebetsi o mongata ho fetola malapa. Mosebetsi ona o lokela ho itshetleha kgubung ya Tsoseletso ya Afrika ho boela metheong le ho bopa botjha moya wa Afrika le ditabatabelo tsa bophelo ba lelapa, ho hatella mohopolong wa ?ngwana wa ka ke ngwana wa hao, le motswadi wa ka ke motswadi wa hao?, le ho kgothaletsa botle ba lerato, mamello, kgotso le tshepo. Mananeo a tshehetsang lelapa a hloka hore a bonahale.
Lelapa le bonwe e le sebaka sa mantlha sa boemedi ba matlafatso ke Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro jwalo ka ha e le boemedi ba bohlokwa ba ho hlokomela ditabatabelo, tjhadimo ya boemo ba dintho le boitshwaro.
Tlolo tsa Molao le Bobodu
Dihlopha tse fapafapaneng di ile tsa tsepamisa maikutlo tlolong tsa molao le bobodung.
Disosa tsa tlolo tsa molao di tloha ho taba ya ho hloka tlhompho ya bophelo le kgatello e tliswang ke ho ba mmoho jwalo ka sehlopha, ho hloka boikgantsho ba bohaeno le boitelo bo tswang ho ditho tsa Sepolesa. Ho etswe boipiletso ba selekane dipakeng tsa mmuso, kgwebo, sepolesa le setjhaba dipuisanong tseo kaofela. Dihlopha kaofela di tobokeditse tlhokeho ya matsholo diprovenseng ho thibela tlolo tsa molao le bobodu.
Dihlopha kaofela di hlahisitse maikutlo a hore batho ba utullang dipatilweng kapa bobe bo etswang ka lekunutu ba lokela ho fuwa ditlhapiso tse itseng, mme e mong wa baromuwa o ile a etsa tlhahiso ya hore ho be le mohala o dulang o emetse ditaba tsa mofuta o jwalo dinakong tsena tsohle bakeng sa ba utullang dipatilweng. Ho hlokeha hore ho tsuwe letsholo hore ho fumanwe seabo sa setjhaba hore se kgone ho fedisa lethathama lena la bobodu, mme ho ile ha hlahiwa le tlhokeho ya ho tiisa diforamo tsa sepolesa sa setjhaba.
Borui le Bofutsana
Ntle le tikatiko, bofutsana bo bonwa e le ntho e tshosang tsoseletso ya boitshwaro e matla. Hona ha ho bolele hore batho ba futsanehileng ke batho ba babe, hobane ka dinako tse ding batho ba hlokang haholo ke bona ba pepesang tlhompho ya boitshwaro e tebileng haholo. Ke sekgeo se ntseng se hola dipakeng tsa barui le bafutsana seo ka bosona se nyonyehang. Se tlisa letoto la mathata a moruo le a phedisano, jwalo ka tlhokeho ya mosebetsi le bofuma, eleng ntho e tswalang ho foforeha ha boitshwaro bathong le kahisanong. Hobaneng ha mekgwa ya rona ya moruo e futsanehisa batho ba bangata hakana?
Ho fokollwa ke boitswaro ho tshwana le lesela le hlokang moroko moo ho phethetsweng teng. Dikarolo tsohle tse nang le kabelo koduweng ya boitshwaro di momahane. Meharo le boikgohomoso ba batho ba bang ka ho beha ba bang tsietsing, ho thatafallwa le ho hloleha ka dinako tse ding ha bahwebi ba banyenyane le boradikgwebo hore ba kgone ho iketsetsa bophelo, le ho fofa ha tjhelete e tswang kahare ho naha - tsohle ke dintho tse nang le tshusumetso boemong ba bophelo ba batho, ho ba hatella ho nka mehato yohle e teng hore feela ba fumane dijo tseo ba di jang.
Ho ile ha ba le boipiletso bo akaretsang ba hore ho etswe hore mesebetsi e be teng, haholo sena se lokela ho etswa ka ntshetsopele ya selehae. Dihlopha tse ding di ile tsa supa ntlha ya tlhokeho ya hore ho thehwe mesebetsi dibakeng tsa bodulo tsa metseng ya diteropo le tsa metseng eo eseng ya diteropo ho thiba tshubuhlellano ya batjha metseng ya diteropo. Ba bang ba ile ba hlahisa hore baahi ba kgothaletswe ho kena letsholong la tlhahiso ya dijo. Mehato e hlahisitsweng ya ho qala mesebetsi e ile ya qala ho taba ya ho hloma dilekane tse sebetsang, ho fokotswe tshebediso ya metjhine, batho ba rutwe le ho rupelwa mahlale a boiphediso, ho botjwe boitshepo, ho be le menyetla e lekanang ya bohle, maemo le ditlhoko tsa dikgwebo tsa tjhelete, taba ya ho fumaneha ha tjhelete ya kadimo bathong ba futsanehileng, le hore ho nehelanwe ka thuto ya khwalithi, ha mmoho le taba ya ho fumaneha ha dibasari haholwanyane, bathong ba futsanehileng ba metseng eo eseng ya diteropo. Ho ile ha hlahiswa le taba ya boikarabelo ba baahi ba nang le tjhelete hore ba thuse baahi ba hlokang tjhelete.
Thuto
Mokgwa wa thuto naheng ya rona o amohetse maemo a neng a reretswe ho hloka tlhompho ya boitshwaro bo botle, a ileng a ralwa ho matlafatsa thuto ya morabe o mong mme merabe e meng yona e tingwe menyetla. Ho hlokeha mme ho tla nne ho hlokehe boikitlahetso bo boholo ho fedisa tlhokeho ena ya tekano.
Ho hlokeha dipapadi e le ka nnete dikolong. Dihlopha tse ngata di ile tsa thetsa taba ena e leng e nngwe ya disosa tsa tlhokeho ya phedisano, e hlokehang ho rupela batho ba batjha ka ho ba fa mahlale a ho sebetsa ha mmoho, ho natsa ba bang, ho ba le molao le boikitlahetso. Dipapadi di hloka hore di tsosoloswe jwalo ka papadi ya phedisano bakeng sa monyaka, eseng bakeng sa phehisano. Hona ho tla kenyeletsa taba ya ho tsoseletsa le dipapadi tsa kgale tsa kwano ho etsa hore ba bapalang ba kgone ho amanya papadi le botjhaba. Dipapadi ka dinako tse ding di tlisa moya wa lelapa bakeng sa dibapadi tseo mohlomong di hlokang seo lapeng.
Ke taba ya bohlokwa hore Afrika Borwa e hopole dithuto tsa mehleng e fetileng, moya wa ho lwantsha kgethollo le seabo seo bana ba dikolo ba ileng ba e ba le sona ntweng eo, haholo ha ba ne ba hana ho ikobela thuto ya sebopeho seo se fokolang, e leng ntho e ileng ya tswala hore ho be le Kwenehelo ya Soweto ya 1976. Moralo wa histori ya rona o lokela ho kenyeletsa diketsahalo tsena hore bana ba rona ba kgone ho bona moo re tswang teng, mme ba be le moya wa boikgantsho wa hoba batjha ba Afrika Borwa.
Thuto e lokela ho bonwa ka ditsela tse batsi eseng feela e sehetsweng moedi wa thuto ya boemo ba poraemari, boemo ba thuto ya sekondari le boemo ba thuto ya thetjhiari. Thuto e lokela ho ba le kabelo tsoseletsong ya boitshwaro ba setjhaba sa rona, e lokela ho sutha maikutlonyaneng a mopetetsane a thuto ya sekolo mme e ruise moya wa ho batla ho tseba le ho fuputsa ho kgothaletsang tlwaelo e akaretsang ya ho ithuta. Ho ile ha ba le boipiletso bo akaretsang ba hore batswadi le baetapele ba setjhaba ba amane le thuto ya sekolo. Boipiletso bo ikgethang ebile ba hore ho kenngwe metheo thutong e rerileng ho fetola ?motho ya kahare? e le mokgwa o sebetsang hantle ho feta ho ka thibela ditlolo tsa molao le bobodu setjhabeng. Mookotaba o mong o neng o hapile dipelo tsa baromuwa ba bangata dipuisanong e ne e le taba ya hore ho kenyeletswe thuto ya boahi meralong ya thuto ya dikolo, mme ho toboketswe ka ho ikgetha ditokelo tsa botho le Molao wa Motheo wa naha ena. Dihlopha tse ding di ile tsa hlahisa hore tsoseletso ya boitshwaro le yona e lokela ho kenyeletswa meralong ya thuto ya dikolong jwalo ka tsela ya ho hlokomela hore Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro o dula o phela ho ya ho ile.
Batjha
Setjhaba sa mehleng ya morao tjena se nyahamisa batho ba batjha ka ditsela tse ngata. Ba nyahamiswa ke batswadi ba bona hobane ha ba fane ka mohlala bothong ba bona boo batjha ba ka bo latelang le ho kgahlwa ke bona jwalo ka baetapele ba bona, ba nyahamiswa ke ho nyema mooko ha matitjhere a bona, ba nyahamiswa ke menyetla e haellang ya ho fumana mesebetsi. Ntho ena, ha mmoho le kgatello ya bothaka, e entse hore ho be le ho phahama ha tshebediso ya dithethefatsi le jwala, kgolo e tshabehang ya baimana ba batjha, le tshabo ya sebele ya tshwaetso ya HIV/AIDS, le tahleho e akaretsang ya tlhompho ya seriti sa bophelo.
Baromuwa ba neng ba arotswe ka dihlopha ba ile ba tlaleha ka merero e tobaneng le ntshetsopele ya batjha, moo mekgatlo ya bodumedi le Mekgalto eo eseng ya Mmuso e ileng ya thoholetswa. Ho ile ha hlahiswa le mananeo a batjha le diwekshopo tse tsosolosang makgabane a boitshwaro. Ho ile ha ba le ditlaleho tsa mananeo a mahlale a boiphediso bophelong dikolong, mekutu e nkuwang ke merero ya batjha ya ho hlokomela maqheku le batho ba tshwerweng ke AIDS, ekasitana le mananeo a dipapadi.
Ntle le kananelo ya sena se etsuwang, ho ile ha ba le maikutlo a hore ho hlokeha dintho tse ngata ho feta mona, ho kenyeleditswe motheo wa ditsha tsa thupelo tse ngata ho feta tsa ntshetsopele ya batjha, le ho thaotha mekgatlo ya botjhaba le ya dipapadi hore e kenyeletsa batjha mesebetsing ya yona. Tlhahiso e nngwe e mabapi le ditsha tsa batjha e ile ya e ba ya borathuto ba seng ba behile meja fatshe hore ba ka fana ka nako ya bona ka moya wa boithaopo.
Boraditaba
Boraditaba ha ?ba hole mane le rona?. Ba dula le rona, ke ditho tsa malapa a rona ebile ke metswalle, mme le bona ba na le matswalo. Karohano e teng dipakeng tsa boraditaba le baahi setjhabeng ha mmoho le mmuso ke bothata bo hlokang hore bo tonelwe mahlo.
Taba e nngwe ke ka moo boraditaba ba fetohileng karolo ya botjhaba ba Amerika Leboya ka teng bo hapang ba rona. Motho o ka tadima setumo sa ditshwantshiso feela. Ho feta mona ke ka moo ho bontshwang haholo ka teng dintwa le thobalano dithelevesheneng. Tataiso ya Batswadi ha e a lekana, hobane bana ba bangata ba dula malapeng moo batswadi ba dulang ba le siyo.
Boraditaba ke batho ba bohlokwa tabeng ya hore ba fetise molaetsa wa tsoseletso ya boitshwaro. Ba na le bokgoni ba ho susumetsa mehopolo le ditabatabelo tsa setjhaba ka tsela e tebileng. Ka lebaka lena, thuo ya ditaba le tshekamelo ke ntho e lokelang hore e bonaletse mme e be le boikarabelo, bangodi ba ditaba ba lokela hore ba ikitlaheletse botshepehi le nnete mosebetsing wa bona. Mananeo a rona a theleveshene a lokela hore a bontshe haholo diketsahalo tsa kwano ho feta. Boraditaba ba lokela ho toboketsa ditaba tse kgothaletsang phetoho le phediso ya bofuma, le ho hlahisa batho ba nnete jwalo ka batho bao batjha ba rona ba ka latelang metsamao ya bona.
Ha se dihlopha kaofela tse ileng tsa tshohla taba ya seabo sa tumelo hore e ka fetola makgabane a phedisano ya rona, empa ho ile ha ba le boipiletso bo matla ba hore ho be le tshebedisano ekasitana le tlhomphano dipakeng tsa badumedi mosebetsing wa bona o kopanetsweng wa ho ntshetsa pele kgodiso ya boitshwaro. Dihlopha tsa ditumelo di lese ho ipapatsa ha mmoho le mekgatlo ya tsona mme di tsitlallele tlhokeho e holang, le e utlwahalang ka botebo bathong ba moya. Ketso ena e tla etsa hore badumedi ba be le nyehelo ntjhafatsong le ntshetsopeleng ya moya.
Boipiletso bo bong e ile ya e ba ba ho bopa selekane dipakeng tsa mmuso le mekgatlo ya tumelo boemong bohle, ho kgothaletsa kamano le karolelano ya mehlodi. Molao wa rona wa Motheo o dumellana le ho arohanya motheo wa tumelo le wa mmuso, empa sena ha se bolele tlhobohang, mme metheo e lokela hore e etswe ka morero wa ho matlafatsa tshebedisano, haholo boemong ba selehae.
Baetapele ba nkuwa ele batho bao mehlala ya bona e ka latelwang mme e lokela hore e be batho ba tshepahalang, ba kgonang ho ba e mehlala e metle ya boitshwaro. Moetapele ya lokileng o tla kgona ho tswaka tsebo ya batho ba habo rona le tsebo ya Bophirimela. Ke batho ba lokelang hore ba kgone ho amohela batho ntle le dikgomathisetso tsa letho, le ho amohela maikutlo a fapaneng, ke batho ba kgonang ho bontsha tlhompho e thehilweng hodima ?Ubuntu/Botho?. Dikgeo dipakeng tsa baetapele le batho di lokela hore di kwalwe.
HA HO KWALWA DIPUISANO TSE NENG DI THAKGOLWA
Maikutlo a latelang a leka ho hlahisa moya le maikutlo a baromuwa nakong eo ho neng ho thakgolwa dipuisano tsa Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro, le ho busulosa ?Lentswe la Batho?. Lentswe lena le lokela hore le utlwahale ka ho hlaka le ka tsela e phefa. Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro ke leeto jwalo ka ha e le sepheo.
Ho utlwa maikemisetso a Batho tabeng ya ntjhafatso ya boitshwaro e ne e le mosebetsi o tshwanang le wa 1995-6, ha ho ne ho amohelwa maikutlo a fetang milione ditherisanong tse batsi tsa naha tse lebisang popong ya Molao wa Motheo wa Afrika Borwa le Bili ya Ditokelo. Ke feela seabo se batsi ka moo ho ka kgonehang ka teng sa batho kaofela le mekgatlo ya setjhaba Lenaneong la Tshebetso se tla etsa hore Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro o sebetse.
LENANEO LA TSHEBETSO
LENANEO
TSHEBETSO
Lelapa
Matlafatso ya lelapa jwalo ka mokgwa wa ho fetisa makgabane metheong ya rona eo eleng hona e hlahellang
Ho fana ka temoso ka mohopolo wa ?ngwana wa ka ke ngwana wa hao mme motswadi wa ka ke motswadi wa hao?
Ho kgothaletsa ditabatabelo tsa malapa le tsa setjhaba
Ho tsosolosa tlwaelo ya ho phedisana ha mmoho le moya wa Botho
Tlolo tsa Molao le Bobodu
Matsholo
Ho ntshetsa pele morero o simollang feela o tshwanang le Morero wa Amerika wa Malapa a hlokolotsi
Merero ya ho nka bana ba hlokang batswadi kapa ba lahlilweng
Ho theha marangrang a tshehetso ya setjhaba
Matlafatso ya diforamo tse teng tse ikarabelang kgothaletsong ya ditabatabelo tsa malapa le setjhaba.
Ho kgothaletsa baahi ho thibela tlolo tsa molao le bobodu
Ho matlafatsa diforamo tsa sepolesa sa setjhaba
Hore ho putswe batho ba hlahisang dintho tse fosahetseng tse etswang ka sekgukgu
Bofuma le Borui
Letsholo la Letsema
Mawa a ho fokotsa Bofuma a mmuso le baahi ba setjhaba
Ho kgothaletsa moya wa vukunzenzele ho kgokgothela tlwaelo ya boikemelo bathong ba hlokang mosebetsi
Ho kgothaletsa moya wa ho intsha sehlabelo le ho ithaopa ho kena mererong ya setjhaba
Ho theha dilekane tse sebetsang
Thupelo ya mahlale a boiphediso
Ho kgothaletsa dikgwebo tsa setjhaba tsa metseng eo eseng ya diteropo (ntshetsopele ya selehae)
Ho theha dibopohe tsa temo ya motjha o tjhele le tsosoloso ya bohae ho phahamisa tlhahiso ya dijo
Ho kgothaletsa moya wa boikarabelo ba Bahwebi
Thuto
Tlwaelo ya ho ithuta
Matsholo a Thuto
Ntjhafatso le ntshetsopele ya moya
Ho kgothaletsa tlwaelo ya kakaretso ya ho ithuta
Ho kopanya makgabane a phedisano, moya wa Botho, matshwao a naha mananeong a thuto
Ho theha mananeo a batjha a thupelo ya botjhaba
Ho etsa dividiyo le ho ngola dibuka tse tla fumaneha dikolong ka taba ya tsoseletso ya boitshwaro
Ho kgothaletsa dipuisano dikolong ka taba ya tsoseletso ya boitshwaro le ho kgothaletsa dipuisano dikolong tse phahameng tsa thetjhiari diseminareng le dibokeng
Batjha
Ntshetso pele ya Batjha
Mananeo a Batjha
Mahlale a Boiphediso
Merero ya ho fihlella le ho thusa maqheku le batho ba tshwerweng ke lefu la AIDS
Mananeo a Dipapadi
Ntshetso pele ya sesiu sa merero e tobileng ntshetso pele ya batjha ka Mekgatlo eo eseng ya Mmuso le ditumelo ka mohopolo wa matlafatso
Tsamaiso ya diwekshopo tse tobileng batjha ho tsoseletsa moya wa boitshwaro
Ho theha ditsha tsa thupelo tse ngata ho feta ho ntshetsa batjha pele
Tlhomamiso ya mesebetsi ya botjhaba ditsheng tsa batjha
Tlhophiso ya mekgatlo ya dipapadi ho tsoseletsa papadi dikolong le setjhabeng
Ho atolosa ditsha tsa dipapadi le tsa boithapollo
Tshebediso ya dibapadi e le mehlala ya batjha ho bopa boitshwaro ba batjha
Boraditaba
Toboketso ya ditaba tse kgothaletsang phetoho le ho fedisa bofutsana
Ho eketsa tshebediso ya ditaba le batho ba tswang mananeong a theleveshene
Kgetho ya batho ba maemong a hodimo hore ba fetohe mehlala ya batjha
Tshebediso ya diradio tsa setjhaba ho phatlalatsa mesebetsi ya MTB (MRM)
Selekane dipakeng tsa mmuso le mekgatlo ya tumelo
Ntjhafatso le ntshetsopele ya moya
Ho theha selekane se seholwanyane dipakeng tsa mmuso le mekgatlo ya tumelo ho kgothaletsa kamano le karolelano ya mehlodi
Ho rala mananeo a tla sekamela ntjhafatsong le ntshetsopele ya moya
Khoutu ya Boitshwaro
Tlhakiso ya boitshwaro
Mokgwa wa boetapele ba bohlanka
Ho epa pitso ya wekshopo kapa seboka sa mekgatlo yohle ya boetapele ho buisana ka khoutu ya boitshwaro ho ya ka moya wa MTB (MRM)
Ho tsamaisa tlhakiso ya boitshwaro ba baetapele ba sa tswa kgethwa botjha, haholo ba makgotla a selehae
Mmuso
Mmuso wa Naha
Puso wa Provense
Puso ya Metse ya Diteropo
Puso ya selehae
Ho kopanya taba ya boitshwaro ba mananeo a mafapha a mmuso
TSELA E LEBANG PELE
Ho thakgolwa ha kopano ya Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro ebile ketsahalo ya bohlokwa haholo, e bopang moelelo le dikahare tsa lenanelo la ditaba tsa selekane se pakeng tsa mmuso le baahi setjhabeng ntlheng ya boikemisetso ba ho bopa Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro o tla tshwarella ho ya ho ile le o tsepameng. Dipuisano tsena di ile tsa thusa ho hlahisa Lenaneo la Tshebetso la bohlokwa le qoholehileng Diprovenseng le Dikgwebong. Kopano ena e ile ya etsa hore baromuwa ba hlalose semelo sa bothata le ho tshohla dibopeho tse fapaneng tsa boitshwaro bo nyehlileng le mehato ya ho bopa hape makgabane le ditabatabelo tsa setjhaba Afrika Borwa e ntjha ya demokrasi.
Puisano tsena tse ileng tsa thakgolwa di ile tsa fihlela sepheo sa ho bokella bohlale bo kopanetsweng le ho hokanya, ho kopanya le ho tlatseletsa mananeo a ntseng a le teng kaofela, tsebo le disebediswa tsa moralo o lebileng motheong wa setjhaba se nang le boitshwaro, se natsang ditho tse ding tsa setjhaba le se hlokang bobodu. Dipuisano tsena tse ileng tsa thakgolwa ka molao Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro di ile tsa fana ka monyetla naheng wa ? sepalwangwang sa bohle seo ka sona re tla kgona ho ntjhafatsa le ho matlafatsa makgabane a rona le ho tsosolosa moya wa boikgantsho, seriti le tlhompho ya setjhaba sa rona?.
Semelo sa dikarolo tse ngata tsa ditaba tseo dihlopha tse 10 di neng di tshwaranwe le tsona, le ditlhahiso tsa mehato e mengata ya ho rarolla mathata, di ile tsa hlahisa diphephetso tse fapafapaneng bakeng sa Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro o neng o sa tswa thakgolwa, ao Motlatsi wa Presidente a ileng a di hlahisa puong ya hae ha a ne a kwala.
Ho keke ha ba le tsoseletso ya boitshwaro ha Ma-Afrika Borwa a tlwaelehileng a sa fuwe sebaka sa hore e be bona ba kgannang mosebetsi. Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro o lokela hore o fumane tshebedisano ya monna e mong le e mong, mosadi, le ngwana boemong bo bong le bo bong ba naha ena hore ba kene lenaneong le qalang la mosebetsi wa dilemo tse nne.
Re lokela ho haella hodima mohlala wa batho ba bangata bao eleng mohlala ho ba bang bao re nang le bona mekgatlong yohle e le ho ba sebedisa jwalo ka batho ba ka kgothatsang batjha ba rona ?.. jwalo ka lebotho la bohlokwa leo ka lona re lokelang ho hlola ntwa ya dipelo, maikutlo le moya wa batho ba habo rona.
Katleho ya Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro o sututswang ke batho e tla itshetleha haholo bonamong boo ka bona batho ba sebetsang mmoho ka teng maemong ohle a setjhaba.
Mananeo a teng hona jwale a lokela ho hokelwa moralong wa sephetho se hopotsweng se thehilweng hodima dinako tse behilweng mme a lokela ho hlokomelwa ka tsela e sebetsang.
HO TLOHA HAESALE DIPUISANO TSENA DI THAKGOLWA
Batho ba bangata ba ile ba kopa Diqeto tse nkilweng ha ho ne ho thakgolwa kopano ya Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro, empa ha fumaneha hore seboka sena ha se sa mofuta oo. Ho ile ha fetiswa Dikhoutu tsa Boitshwaro le Diqeto tse ngata ho tloha nakong ya Seboka sa Boitshwaro sa 1998, empa bothata ha bo eso rarollwe. Tsoseletso ya Boitshwaro ha e fihlellwe ka dipuo tsa boemo bo hodimo, empa ka mehato ya selehae, mme baemedi ba ile ba furalla kopano ena e neng e thakgolwa ka qeto e le nngwe e bonolo: ho leba hae le ho ya etsa ho hong ho itseng ka Tsoseletso ya Boitshwaro hara batho ba tlwaelehileng.
Ho tloha mohlang monene, baemedi ba bangata ba ile ba kopana hape, ba mema ba bang ho kokanya matsoho le bona mme ba theha Dikomiti tsa Provense tsa Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro. Bongata ba bona bo ile ba fumana tshehetso e ntle e tswang mekgatlong ya provense le ya mebuso ya selehae, mme mekgatlo e fapafapaneng ya baahi hara setjhaba e eketsa ho kenya letsoho mererong ena. Bongata bo etsa dihlophiseletso tse phethahetseng hore ho tle ho thakgolwe Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro diprovenseng dikgweding tse seng kae tse tlang.
Ho thakgolwa hona ho ile ha kgothaletsa mekutu e ikemetseng e ileng ya etswa Dikarong tse ngata, le dipuisano di tswela pele ho tlatseletsa le ho sebedisana le mekutu ena e etswang.
Ba bangata ba ile ba sibolla taba ya hore le ha ho le bonolo ho bitsetsa batho dikopanong, ha se mosebetsi o bobebe ho fumana hore mekgatlo e fapaneng e sebedisane mosebetsing wa ho fetola tsela eo setjhaba se nahang ka yona le boitshwaro. Ntwa ya ho fetola setjhaba sa rona e bolela ho haha botjha moya wa kopano le ho ba ngatana e le nngwe ka ona mokgwa wane o ileng wa kganna ntwa ya tokoloho ya setjhaba sa rona.
Boemong ba naha, Komiti ya Tshebetso ya Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro e ileng ya tsamaisa taba ya ho Thakgola dipuisano e se e hodisitswe hore e kenyeletse mekgatlo e mengatanyana, e thontshe le Lekalana la Bongodi ba Phethiso ho tsamaisa ditaba tsa letsatsi le letsatsi. Moifo wa tshebetso wa Naha o monyenyane o ntse o hlwauwa: Mohokanyi wa Naha ya tla tsamaisa mosebetsi, Mohokanyi wa Morero ya tla thusa Diprovense le Mekgatlo e hlokang thuso e itseng ho tsamaisa mesebetsi eo ba e nahanang le e kopanetsweng, le Bongodi bo tla kopanya dintho tsena kaofela.
Kgokahano ke ntho ya bohlokwa haholo, mme Komiti ya Tshebetso e theha websaete ho hlokomela hore batho kaofela ba dula ba fumana tsebo ya diketsahalo naha ka bophara, le ho rera Magazene wa Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro o tla sebetsa mosebetsi o tshwanang le ho kenyeletsa ditaba ka dipuo tsa lapeng.
Morero o tla kenyeletsa naha ena kaofela ditlhophiseletsong tsa Tjhata ya Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro eo haufinyana ho tla hlahiswa lesedi ka yona.
Seboka sa Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro sa selemo le selemo se ntse se hlophisetswa kgwedi ya Mmesa 2003, seo ho sona ho tla nehelanwa ka dipehelo, ho arolelanwe le meralo mme ho kgethwe le Komiti ya Tshebetso ya Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro.
Ofisi ya Naha ya Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro
Founu:
Komiti ya Tshebetso ya Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro
Letoto la ditho tse feletseng le dinomoro tseo o ka di sebedisang ho ikopanyang le bona ka tsona di fumaneha ofising ya Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro.
Batho bao o ka ikopanyang le bona ba Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro Provenseng
Mong Z Dingani, Letona la Provense, Founu ke 051 405 5737/4141,
Mpumalanga
Kapa Leboya
Limpopo
Ha o lakatsa hore lebitso la hao le kenngwe letotong la Imeili bakeng sa dikomiti kapa mesebetsi efe kapa efe, o kopuwa hore o ba ngolle kapa o ngolle Ofisi ya Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro
Mehlodi
Tadima websaete ya rona
Tokomane e neng e tshohlwa ya Mmuso wa Afrika Borwa: Moralo wa Tsoseletso ya Boitshwaro. E hlophiseditsweng kopano ya ho thakgola Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro, 8 Mmesa 2002
Puo ya Motlatsi wa Presidente
Tadima websaete le kgatiso e ka thoko
Lesedi ka ba tla fana ka puo. Tadima websaete ya rona ho fumana dintlha tse phethahetseng
Tadima dikgatiso tsa Lefapha la Thuto
Tadima websaete ya rona le dikgatiso tse ding hape bakeng sa lesedi la hona jwale
